Batho Pele
HO BEHA BATHO KA PELE
RE MMOHO
Ho mabapi le ho sebetsa mmoho jwalo ka dihlopha le basebetsimmoho
RE A TSOTELLA
Ho mabapi le ho tsotella batho bao re ba fang ditshebeletso
RE A LE SEBELETSA
Ho mabapi le ho sebetsa ka mokgwa o fetelang ka nqane ho oo re lokelang ho sebetsa ka ona.
RE MMOHO
RE A TSOTELLA
RE A LE SEBELETSA
METHEO
Ditherisano Ho tshwanetswe hore ho rerisanwe le baahi ka boemo le boleng ba ditshebeletso tsa mmuso tseo ba di fumanang, mme ha ho kgoneha, ba fuwe boikgethelo mabapi le ditshebeletso tseo ba fuwang tsona.
Maemo a Ditshebeletso Baahi ba tshwanetswe ho bolellwa hore ke maemo le boleng bofe ba ditshebeletso tsa mmuso tseo ba tla dui fumana e le hore ba tle ba tsebe hore ba lebelle eng.
Phihlelo Baahi bohle ba tshwanetse ho ba le mokgwa o lekanang wa ho fihlela ditshebeletso tseo ba lokelang ho di fumana.
Tlhompho Baahi ba tshwanetswe ho tshwarwa ka hlompho le ka kelo hloko
Tlhahisoleseding Baahi ba tshwanetswe ho fuwa dintlha tse felletseng, hape tse nepahetseng tse mabapi le ditshebeletso tsa mmuso tseo ba lokelang ho di fumana.
Ho etsa dintho pepeneneng le ho hloka sephiri Baahi ba tshwanetswe ho bolellwa ka moo mafapha a naha le a diprovense a tsamaiswang ka teng, ditjeo tsa ona ke bokae, le hore ke mang ya ikarabelang moo.
Ho lokisa Ha ho sa fanwe ka maemo a tshebeletso ao ho tshepisanweng ka ona, ho tshwanetswe hore ho kotjwe tshwarelo, tlhaloso e felletseng le tokiso ya ka potlako e tla tsamaya hantle haholo; mme ha ho na le ditletlebo tse etsuwang, baahi ba lokela ho fumana dikarabo tse nang le kutlwelo hape di fana le ka tshepo.
Boleng bakeng sa tjhelete Ditshebeletso tsa mmuso di tshwanetswe hore ho fanwe ka tsona ka tsela e bolokang ditshenyehelo hape e sebetsang hantle haholo bakeng sa ho neha baahi boleng bo botle haholo bo ka kgonehang bakeng sa tjhelete
Weposaete eo o ka kenang ho yona:
Re sebetsa mmoho ka mafolofolo phumantshong ya ditshebeletso
E radilwe le ho hlahiswa ke ba Lefapha la Ditshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso
